Johanne 1:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.

2. Le ne le le ho Modimo tshimolohong.

3. Dintho tsohle di bile teng ka lona, mme ha ho letho le bileng teng haese ka lona.

4. Bophelo bo ne bo le ka ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho;

5. lesedi le kganya lefifing, empa lefifi ha le a ka la le hlola.

6. Monna o ne a le teng, ya romilweng ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.

7. Monna enwa a tlela ho paka tsa lesedi, e le hore bohle ba dumele ka yena.

8. Yena e ne e se lesedi leo, empa o ne a tlile hore a pake tsa lesedi.

9. Lesedi la nnete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le etla lefatsheng.

10. Lentswe le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le bile teng ka lona, empa lefatshe ha le a ka la le tseba.

11. Le ne le tlile hahabo lona, empa ba habo lona ha ba a ka ba le amohela.

12. Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo,

Johanne 1