8. Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.
9. “Phatlalletsang ditjhaba hona,le re: <Hlomellang ntwa!Bitsang bahale!Bahlabani bohle ba ke ba atamele,ba atamele, ba tlo futuha!
10. Kgobang mehoma ya lona,le etse disabole;leotsang disekele tsa lona,le etse marumo!Ya fokolang a ke a re:“Nna ke mohale!”
11. Lona ditjhaba tsohle,phallang, kgobokanang,le phuthehele ka Kgohlong!> ”Morena, laola bahale ba haoba theohe.
12. “Ditjhaba di ke di itokise,di theoheleka Kgohlong ya Jehoshafate;ke tla dula kateng, ke di ahlole,ke ahlole tjhaba tsohletse phuthehileng.
13. Akgelang sekele,hobane mabele a butswitse.Tloong, le tlo hatakela morara,hobane setlhotlelo sa morarase tletse;merifi e tletse, e a kgaphatseha,hobane bokgopo ba tsonabo totile!”
14. Matshweletshwelea sa le ka Kgohlong ya Kahlolo!Letsatsi la Morena le haufi,le atametse,tsatsi la ho theohelaka Kgohlong ya Kahlolo.