Joele 3:2-13 BIBELE (SSO89SO)

2. Ke tla phutha ditjhaba tsohle,ke di theoleleka Kgohlong ya Jehoshafate,ke di ahlolele hona kateng,ka baka la setjhaba sa ka,setjhaba sa ka sa Iseraele,hobane di ile tsa se qhalanyetsahara baditjhaba,tsa arola naha ya ka dikotokoto.

3. Di ile tsa laolasetjhaba sa ka ka lotho,tsa ananya moshanyana ka seotswa,tsa reka veine ka ngwanana,hore di tle di e nwe.

4. “Wena Tire, le wena Sidone, le lona dibaka tsohle tsa Filesitiya, e ka ba le mpatlang? Le tla mpuseletsa ka eng? Haeba le tla mpuseletsa, seo le se entseng ke tla le buseletsa sona ka potlako.

5. Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona.

6. Le rekisitse baahi ba Juda le ba Jerusalema ho Bagerike, e le hore le ba ise hole le naha ya habo bona.

7. “Bonang, ke tla ba kgutlisa dibakeng tsohle tseo le ba rekisitseng ho tsona, ke phetetse seo le se entseng.

8. Ke tla rekisa bara le baradi ba lona ho setjhaba sa Juda, mme sona se tla ba rekisetsa Basheba, e leng setjhaba se hole,” ho rialo Morena.

9. “Phatlalletsang ditjhaba hona,le re: <Hlomellang ntwa!Bitsang bahale!Bahlabani bohle ba ke ba atamele,ba atamele, ba tlo futuha!

10. Kgobang mehoma ya lona,le etse disabole;leotsang disekele tsa lona,le etse marumo!Ya fokolang a ke a re:“Nna ke mohale!”

11. Lona ditjhaba tsohle,phallang, kgobokanang,le phuthehele ka Kgohlong!> ”Morena, laola bahale ba haoba theohe.

12. “Ditjhaba di ke di itokise,di theoheleka Kgohlong ya Jehoshafate;ke tla dula kateng, ke di ahlole,ke ahlole tjhaba tsohletse phuthehileng.

13. Akgelang sekele,hobane mabele a butswitse.Tloong, le tlo hatakela morara,hobane setlhotlelo sa morarase tletse;merifi e tletse, e a kgaphatseha,hobane bokgopo ba tsonabo totile!”

Joele 3