Joele 3:15-21 BIBELE (SSO89SO)

15. Letsatsi le kgwedi di tla fifala,dinaledi le tsonadi ke ke tsa phatsima.

16. Morena o tla puruma a le Sione,a thwathwaretse a le Jerusalema,mahodimo le lefatshe di reketle.Morena ke setshabelosa tjhaba sa hae,ke qhobosheaneya tjhaba sa Iseraele.

17. “Kahoo le tla tsebahore ke nna Morena,Morena Modimo wa lona,ya ahileng Sione,thabeng ya ka e halalelang;Jerusalema e tla ba sebaka,baka se kgethehileng,baditjhaba ba ke keba hlola ba feta kahara yona.

18. “Mohla tsatsi leo,thaba di tla rothisa veine,maralla wona a kopotse lebese;melatswana yohle ya Judae phalle metsi.Sediba se tla kollaka Tempeleng ya Morena, se kolle,se nwesetse Kgohlo ya Shitime.

19. “Egepeta e tla fetoha nanaola,Edomo yona e fetohe lefeella,hobane tjhaba sa Judase ile sa hlekefetswa,madi a sona a tshollwaa se na molato.

20. Naha ya Judae tla ba le baahi kamehla yohle,Jerusalemae be le baahi ba meloko yohle.

21. Ke tla tshwarela tjhaba sa ka,ke se tshwarele dibe tsa sona,dibe tseo ke nengke eso se tshwarele tsona.Nna Morena, ke tla aha Sione!”

Joele 3