Joele 2:6-16 BIBELE (SSO89SO)

6. Ha tjhaba di le bonae ba di a tlallwa,fahleho tsohle di pudufale.

7. Le kgoroha jwaloka bahale,le hlwa marako sa bahlabani.Le tsamaya le tobile pele feela,theko ya lona e entse lekaka.

8. Ha le tsamayaha le theselane ka ditswe,mohlabani ka mongo tsamaya a tobile pele feela.Le a fohla,le itukubetse hara marumo,ha ho letho le ka le emang kapele.

9. Le feresa motse,le mathe hodima marako,le hlwelle le kahodima matlo,le kene ka difesetere se ka mashodu.

10. Ha botho lena le kgoroha,fatshe le a reketla,mahodimo le wona a tsukutlehe;letsatsi le kgwedi di a fifala,dinaledi di kgaotse ho phatsima.

11. Morena o kgarumaa eteletse mabotho a hae pele,hoba mabotho a haee hlile ke boiyane;ke dinatla, a phetha taelo ya hae.Letsatsi la Morena le leholo,le leholo le bile le a tshabeha!E be ke mang ya ka le mamellang?

12. “Hona jwale,” ho rialo Morena,“kgutlelang ho nnaka pelo tsa lona tsohle,ka ho itima dijo,ka meokgo le ka dillo.”

13. Pelo tsa lona di ke di swabe,ho ena le ho haholadiaparo tsa lona.Kgutlelang ho Morena,Morena Modimo wa lona,hobane o mosa, o mohau,o dieha ho halefa,o tletse lerato,o hauhela ba etsang bokgopo.

14. Mohlomong Morenaa ka nna a hauha,a boela a le hlohonolofatsa,a le fa dijo le dinotsa ho nyehella Morena,Morena Modimo wa lona.

15. Letsang lenaka le le Sione,le kgethe letsatsi la ho itima dijo,le meme phutheho e halalelang.

16. Bokellang setjhaba se kgobokane,le meme phutheho e halalelang;phuthang maqheku le phuthe bana,le phuthe le masea a anyesang.Monyadi a tsweka kamoreng ya hae,monyaduwa a tsweka leqatheng la hae.

Joele 2