27. Le tla tsebahore ke na le Baiseraele,le hore nna Morenake Modimo wa lona,ebile ha ho modimo e mong;tjhaba sa ka se ke kesa hlola se tlontloloha!”
28. “Etlare hoba tsena di phethahale,ke theolele Moya wa kahodima batho bohle;bara le baradi ba lonaba tla porofeta,bannabaholo ba lonaba tla lora ditoro,bahlankana ba lonaba tla bona dipono.
29. Le hodima bahlanka ba kale makgabunyane a kake tla theolela Moya wa kamatsatsing ao.
30. Ke tla etsa dimakatsohodimo, lehodimong,le mehlolo fatshe, lefatsheng:madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
31. Letsatsi le tla fifala,kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi,pele letsatsi le leholo la Morena,le kgethehileng, le fihla.
32. Mang le mang ya tla rapela Morenao tla pholoswa,hobane Thabeng ya Sione,motseng wa Jerusalema,pholoho e tla ba teng,jwalokaha Morena a boletse,bakeng sa masallaao Morena a a bitsang.