20. “Ke tla leleka lebothole tswang leboya,ke le lelekele naheng e ommeng,naha ya matswatlare,sehlooho sa lona se lebewatleng le ka botjhabela,serao se lebewatleng le ka bophirima.Ditopo tsa lona di tla nkga,di nkge di re phu!Seputa sa tsona se etse sehou,hobane lebotho leole entse tse kgolo.”
21. Wena lefatshe,se ke wa tshaba letho;thaba, mme o nyakalle,hobane Morena o entse tse kgolo.
22. Lona dibatana tsa naha,se tshoheng letho,hobane makgulo a lefeellaa ba matalana;fate se beha ditholwana tsa sona:Fate sa feiye le sa moraradi beha haholo.
23. Lona bana ba Sione, thabang,le thabele Morena Modimo wa lona;o le neseditse dipulahobane a lokile,a le nesetsa pula tsa ditlwebelele,pula tsa selemo le tsa hwetlajwaloka pele.
24. Diotlo tsa lona di tla tlala mabele,merifi e kgaphatsehe veine le ole.
25. “Ke tla le buseletsa,ke le buseletse se senyehileng,se jelweng ke ditsieka dilemo tse ngata;sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie,ya se ja, ya se kokona sohle;lebothohadi leoke le neeletseng ka lona.
26. Lona le tla jale be le di shebe feela,le nto bokaMorena Modimo wa lona,yena ya le etseditseng tse kgolo.Tjhaba sa ka se ke kesa hlola se tlontloloha!
27. Le tla tsebahore ke na le Baiseraele,le hore nna Morenake Modimo wa lona,ebile ha ho modimo e mong;tjhaba sa ka se ke kesa hlola se tlontloloha!”
28. “Etlare hoba tsena di phethahale,ke theolele Moya wa kahodima batho bohle;bara le baradi ba lonaba tla porofeta,bannabaholo ba lonaba tla lora ditoro,bahlankana ba lonaba tla bona dipono.
29. Le hodima bahlanka ba kale makgabunyane a kake tla theolela Moya wa kamatsatsing ao.
30. Ke tla etsa dimakatsohodimo, lehodimong,le mehlolo fatshe, lefatsheng:madi, le mollo, le mouwane wa mosi.