Joele 2:15-23 BIBELE (SSO89SO)

15. Letsang lenaka le le Sione,le kgethe letsatsi la ho itima dijo,le meme phutheho e halalelang.

16. Bokellang setjhaba se kgobokane,le meme phutheho e halalelang;phuthang maqheku le phuthe bana,le phuthe le masea a anyesang.Monyadi a tsweka kamoreng ya hae,monyaduwa a tsweka leqatheng la hae.

17. Pakeng tsa lethule,lethule la Tempele le aletare,baprista, bahlanka ba Morena,ba lle, ba re:“Hauhela tjhaba sa hao, Morena;tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo,sa fetoha sesomo hara baditjhaba,esere baditjhaba ba se soma, ba re:<O kae Modimo eo wa bona?> ”

18. Morena a boulela naha ya hae,setjhaba sa hae a se hauhela.

19. Morena a araba tjhaba sa hae,a re: “Bonang,ke tla le fa tjhai e ngata,le tjhaye koro le veine le ole,le je, le be le di shebe feela,baditjhaba ba se hloleba le etsa sesomo.

20. “Ke tla leleka lebothole tswang leboya,ke le lelekele naheng e ommeng,naha ya matswatlare,sehlooho sa lona se lebewatleng le ka botjhabela,serao se lebewatleng le ka bophirima.Ditopo tsa lona di tla nkga,di nkge di re phu!Seputa sa tsona se etse sehou,hobane lebotho leole entse tse kgolo.”

21. Wena lefatshe,se ke wa tshaba letho;thaba, mme o nyakalle,hobane Morena o entse tse kgolo.

22. Lona dibatana tsa naha,se tshoheng letho,hobane makgulo a lefeellaa ba matalana;fate se beha ditholwana tsa sona:Fate sa feiye le sa moraradi beha haholo.

23. Lona bana ba Sione, thabang,le thabele Morena Modimo wa lona;o le neseditse dipulahobane a lokile,a le nesetsa pula tsa ditlwebelele,pula tsa selemo le tsa hwetlajwaloka pele.

Joele 2