Joele 2:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Letsang lenaka le le Sione,le hlabe mokgosithabeng ya ka e halalelang!Baahi bohle ba naha ba thothomele,hobane letsatsi la Morenale atametse,tsatsi la Morena le se le le haufi.

2. Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana,tsatsi le phetheselang maru,maru a matshomatsho!Lebotho le leholo, le matla, le a tla,le tla hlaha sa mafube dithabeng;le kaalo ka lonaha le eso ka le bonwa,e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.

3. Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa,kamorao ho lona ho tuka malakabe.Kapele ho lonanaha e ka tshimo ya Edene,kamorao ho lonanaha e sala e le nanaola;le a fiela, ha le siye le letho.

4. Ho ropoha ha lonaho tshwana le ha dipere,le matha sa dipere,sa pere tsa ntwa di kgema;

5. le laqomahodima ditlhoro tsa dithaba,lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa,e ka la mollo o qhoma,o tjhesa matlakala,e ka la diqhobanedi eme thekong ya ntwa.

6. Ha tjhaba di le bonae ba di a tlallwa,fahleho tsohle di pudufale.

Joele 2