Joele 1:2-5 BIBELE (SSO89SO)

2. Lona maqheku mamelang mona!Lona baahi bohle ba naha,sekehang tsebe!Na mehleng ya lonantho e tjee e kila bonwa?Mehleng ya bo-ntata lonateng e kila bonwa?

3. Lona le e phetele bana ba lona;bona ba e phetele ditloholo tsa lona;tsona di e pheteleditloholwana tsa lona.

4. Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo:wa pele wa eja dijalo, wa siya,wa bobedi wa eja, le wona wa siya,wa boraro wa eja, le wona wa siya,wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

5. Lona matahwa, tsohang le lle!Lona bohle ba nwang veine,bokollang, le lle,le llele veine e ntjha,hoba le e amohilwele le kgatheng la ho e latswa.

Joele 1