Joele 1:14-20 BIBELE (SSO89SO)

14. Kgethang letsatsi la ho itima dijo,le meme phutheho e halalelang.Phuthang maqhekule baahi bohle ba naha,ba phutheheleka Tempeleng ya Morena,ya Morena Modimo wa rona:bohle ba meketso,ba ipiletse ho Morena.

15. A letsatsi le tshabehang!Tsatsi la Morena le se le le haufi!Le tla tla e le tsatsi la timetsoe tswang ho Ya Matla wohle.

16. Na dijo ha di a senyehare ntse re di shebile?Ka Tempeleng ya ronathabo le monyaka di kae?

17. Peo e bolelletse katlasa makwete,mediko e senyehile, disiu di tabohile,hobane mabele le wona a phutsitse.

18. Diphoofolo di dumaela habohloko!Mehlape ya dikgomo e a diila,e hloka makgulo;mehlape ya dikgutshwanele yona e a tsherema.

19. Oho, Morena,ke ipiletsa ho wena,hobane hlaha e tjhesitsemakgulo a lehwatata,fate tsohle le tsonatsa tjhella hara dithota.

20. Dibatana tsa naha di a o bokollela,hobane metsi a dinokaa pshele pshi!Hlaha e tjhesitsele makgulo a lehwatata.

Joele 1