Joele 1:10-20 BIBELE (SSO89SO)

10. Masimo a lobetswe, a senyehile,naha e omeletse, e se le sekaka,mabele a lobetswe, a senyehile,veine e ntjha ha e sa ritelwa,ole le yona ha e sa fumanwa.

11. Lona balemi, nyahamang dipelo!Lona ba lemang morara, bokollang!Bokollelang koro,le bokollele harese,hoba kotulo e senyehetse masimong.

12. Fate tsa morara di se di omeletse,fate tsa feiye tsona di ponne,fate tsa kgarenate,tsa palema le tsa diapole:Difate tsohle tsa naha di omeletse.Ruri batho ba feletswe ke monyaka.

13. Lona baprista,aparang tse mahwashe, le lle!Lona basebeletsi ba aletare,bokollang!Tloong, le lale le apere,le apere tse mahwashe,lona basebeletsi ba Modimo wa ka,hoba nyehelo ya dijo le ya dinoe fedisitswe ka Tempeleng,ka Tempeleng ya Modimo wa lona.

14. Kgethang letsatsi la ho itima dijo,le meme phutheho e halalelang.Phuthang maqhekule baahi bohle ba naha,ba phutheheleka Tempeleng ya Morena,ya Morena Modimo wa rona:bohle ba meketso,ba ipiletse ho Morena.

15. A letsatsi le tshabehang!Tsatsi la Morena le se le le haufi!Le tla tla e le tsatsi la timetsoe tswang ho Ya Matla wohle.

16. Na dijo ha di a senyehare ntse re di shebile?Ka Tempeleng ya ronathabo le monyaka di kae?

17. Peo e bolelletse katlasa makwete,mediko e senyehile, disiu di tabohile,hobane mabele le wona a phutsitse.

18. Diphoofolo di dumaela habohloko!Mehlape ya dikgomo e a diila,e hloka makgulo;mehlape ya dikgutshwanele yona e a tsherema.

19. Oho, Morena,ke ipiletsa ho wena,hobane hlaha e tjhesitsemakgulo a lehwatata,fate tsohle le tsonatsa tjhella hara dithota.

20. Dibatana tsa naha di a o bokollela,hobane metsi a dinokaa pshele pshi!Hlaha e tjhesitsele makgulo a lehwatata.

Joele 1