Joele 1:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele:

2. Lona maqheku mamelang mona!Lona baahi bohle ba naha,sekehang tsebe!Na mehleng ya lonantho e tjee e kila bonwa?Mehleng ya bo-ntata lonateng e kila bonwa?

3. Lona le e phetele bana ba lona;bona ba e phetele ditloholo tsa lona;tsona di e pheteleditloholwana tsa lona.

4. Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo:wa pele wa eja dijalo, wa siya,wa bobedi wa eja, le wona wa siya,wa boraro wa eja, le wona wa siya,wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

5. Lona matahwa, tsohang le lle!Lona bohle ba nwang veine,bokollang, le lle,le llele veine e ntjha,hoba le e amohilwele le kgatheng la ho e latswa.

6. Tjhaba ke seose futuhela naha ya heso,ke tjhaba se matla,palo ya sona ke boiyane;meno a sona ekare a lekakuba,mekwetsepe ya sonaekare ya tauhadi.

7. Fate tsa ka tsa morarase se se di sentse,tsa feiye tsonasa di ebola makgapetla,sa a ebola, sa a lahlela hole,makala a tsona a sala a sweufetse.

8. Bokollang sa ngwetsanae apere tse mahwashe,e bokollela mohatsa yonawa matswathaka.

9. Nyehelo ya dijo le ya dinoe fedisitswe ka Tempeleng,ka Tempeleng ya Morena.Baprista ba aparetswe ke bofifi,bona bapristaba sebeletsang Morena.

Joele 1