Joele 1:1-4 BIBELE (SSO89SO)

1. Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Joele, mora wa Petuele:

2. Lona maqheku mamelang mona!Lona baahi bohle ba naha,sekehang tsebe!Na mehleng ya lonantho e tjee e kila bonwa?Mehleng ya bo-ntata lonateng e kila bonwa?

3. Lona le e phetele bana ba lona;bona ba e phetele ditloholo tsa lona;tsona di e pheteleditloholwana tsa lona.

4. Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo:wa pele wa eja dijalo, wa siya,wa bobedi wa eja, le wona wa siya,wa boraro wa eja, le wona wa siya,wa bone wa eja, wa kokona tsohle.

Joele 1