Jobo 9:2-20 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ruri ke a tseba,ho fela ho le jwalo;motho a ka loka jwangmahlong a Modimo?

3. Haeba mothoa ka phea kgang le Modimo,Modimo a ka mmotsa potsodi le sekete,motho a pallwa ke ho arabaleha e le nngwe.

4. Modimo o bohlale, o bile o matla:Ke mang ya ka mo hanyetsang,yaba o a atleha?

5. Hanghang o suthisa dithaba,ha a halefile a di phethole.

6. O sisinya lefatshe madulong a lona,ditshiya tsa lona di be di reketle.

7. O laela letsatsi, le se ke le tjhaba,a ba fifatse kganya ya dinaledi.

8. Ke yena ya sarolotseng mahodimo,a a sarolla a le mong,a tsamaya le hodima maqhubu,maqhubu a Lewatle;

9. a etsa Bere e Kgolo,le Makolobe, le Selemela,a etsa le molalaka borwa ho lehodimo.

10. O etsa dikgolotse fetang tlhalohanyo ya motho,o etsa dimakatsotse ke keng tsa balwa.

11. “Ha a feta pela kaha nke be ke mmone,ha a itsamaelale teng ha ke lemohe.

12. Ha a inkela,a ka thibelwa ke mang?Ke mang ya ka reng ho yena:<Jwale o etsa jwang?>

13. Modimo ha a halefileeba o halefile,mahlahana a Rahabaa tjapaletse maotong a hae.

14. “Jwale nnaekaba nka mo arabisa jwang?Mantswe a dikgangke a kgethe jwang?

15. Leha ke se na molatoke ne nke ke ka mo araba,haese feela ho kopa mohauho Moahlodi wa ka.

16. Leha nka mo isa kgotla,yaba o a tla,ha ke dumelea ka ntshekehela tsebe.

17. A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa,a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.

18. A ke ke a ntumellaka phefumoloha,a ka ntshithabetsaka tse bohloko.

19. Haeba ho uwa ka matla,Yena ke seqhobane!Haeba ho uwa ka toka,yena o tla qoswa ke mang?

20. Leha eba ke se molato,ke tsuwa ke molomo wa ka,leha eba ke se na kodi,wona o tla nthwesa molato.

Jobo 9