Jobo 9:17-22 BIBELE (SSO89SO)

17. A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa,a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.

18. A ke ke a ntumellaka phefumoloha,a ka ntshithabetsaka tse bohloko.

19. Haeba ho uwa ka matla,Yena ke seqhobane!Haeba ho uwa ka toka,yena o tla qoswa ke mang?

20. Leha eba ke se molato,ke tsuwa ke molomo wa ka,leha eba ke se na kodi,wona o tla nthwesa molato.

21. “Le hoja ke se na kodi,ke se ke itenne;ke nyedisa bophelo ba ka,ke a bo nyatsa.

22. Ke ditshwantshwang feela;ke ka hona ke reng:<O timetsa ba lokileng le ba kgopo.>

Jobo 9