10. O etsa dikgolotse fetang tlhalohanyo ya motho,o etsa dimakatsotse ke keng tsa balwa.
11. “Ha a feta pela kaha nke be ke mmone,ha a itsamaelale teng ha ke lemohe.
12. Ha a inkela,a ka thibelwa ke mang?Ke mang ya ka reng ho yena:<Jwale o etsa jwang?>
13. Modimo ha a halefileeba o halefile,mahlahana a Rahabaa tjapaletse maotong a hae.
14. “Jwale nnaekaba nka mo arabisa jwang?Mantswe a dikgangke a kgethe jwang?
15. Leha ke se na molatoke ne nke ke ka mo araba,haese feela ho kopa mohauho Moahlodi wa ka.
16. Leha nka mo isa kgotla,yaba o a tla,ha ke dumelea ka ntshekehela tsebe.
17. A ka mpidila ka sefefo sa kganyapa,a nkekeletsa maqeba ho se lebaka.
18. A ke ke a ntumellaka phefumoloha,a ka ntshithabetsaka tse bohloko.
19. Haeba ho uwa ka matla,Yena ke seqhobane!Haeba ho uwa ka toka,yena o tla qoswa ke mang?
20. Leha eba ke se molato,ke tsuwa ke molomo wa ka,leha eba ke se na kodi,wona o tla nthwesa molato.
21. “Le hoja ke se na kodi,ke se ke itenne;ke nyedisa bophelo ba ka,ke a bo nyatsa.
22. Ke ditshwantshwang feela;ke ka hona ke reng:<O timetsa ba lokileng le ba kgopo.>
23. Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa,O tla tshehaha ba otlwa ba se molato.
24. Lefatshe le matsohong a ba kgopo,o kwahela baahlodi ba lonaka lesira mahlong;haeba e se yena,ebe jwale ke mang?
25. “Tshiu tsa ka di lebeloho feta semathi,di baleha di eso bone molemo;