9. Rona ba maobane re hloka tsebo;matsatsi a rona ho lena lefatshea ka moriti ha o falola.
10. Ba tla o jwetsa, ba o rupele,ba o kgokgothele bohlale ba bona.
11. “Na lodi le ka melaho se na mokgwabo,lehlaka la ataho se na mohlaka?
12. Ha le sa helwe le sa le letalana,le pona pele jwang bo omella.
13. Tsela tsa bohleba lebalang Modimo di jwalo,letshepa la ya kgopole fela jwalo;
14. tshepo ya hae e a thekesela,letshepa la haele ka bolepo ba sekgo;
15. o itshetleha ka bona,bo hana ho tsitsa,o itshwarella ka bona,ha bo tshwarehe.
16. O ka fate se tlokomangha tsatsi le tjhabile,seo makala a sonaa thathallang le tshimo yohle.
17. Metso ya sonae rarahana hara qubu ya majwe,e itshwarella hodima matlapa.
18. Ha se fotholwa bakeng seo,baka seo se tla latola, se re:<Nna ha ke o tsebe!>
19. Bophelo ba sona bo fela jwalo,mela tse dingdi mela hape mobung oo.
20. “Modimo a ke ke a lahlaya se nang molato,kapa a thusa ba etsang bokgopo;
21. o tla boela a etsa hore o tshehe,molomo wa hao o howe ka thabo.
22. Ba o hloilengba tla apeswa dihlong,malapa a ba kgopoa nyamelle ruri.”