4. Haeba bara ba hao ba mo sitetswe,o ba otlileho ya ka ho sitwa ha bona.
5. Haeba o ka fela wa batla Modimo,wa ithapella ho Ya Matla wohle;
6. haeba o hlwekile, mme o lokile,ruri le yena o tla o hlokomela,lapa la hao a le tsosee le sesupo sa ho loka ha hao.
7. Maruo a pele e ne le dinyane,a morao wona e tla ba boiyane.”
8. “Ako fuputse ho meloko ya pele,o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.
9. Rona ba maobane re hloka tsebo;matsatsi a rona ho lena lefatshea ka moriti ha o falola.
10. Ba tla o jwetsa, ba o rupele,ba o kgokgothele bohlale ba bona.
11. “Na lodi le ka melaho se na mokgwabo,lehlaka la ataho se na mohlaka?