1. Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:
2. “O tla bua ntho tseeho fihlela neng?Polelo tsa haodi ka moya wa sefefo!
3. Na Modimoa ka sokamisa kahlolo,Ya Matla wohlea sokamisa ho loka?
4. Haeba bara ba hao ba mo sitetswe,o ba otlileho ya ka ho sitwa ha bona.
5. Haeba o ka fela wa batla Modimo,wa ithapella ho Ya Matla wohle;
6. haeba o hlwekile, mme o lokile,ruri le yena o tla o hlokomela,lapa la hao a le tsosee le sesupo sa ho loka ha hao.
7. Maruo a pele e ne le dinyane,a morao wona e tla ba boiyane.”
8. “Ako fuputse ho meloko ya pele,o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.
9. Rona ba maobane re hloka tsebo;matsatsi a rona ho lena lefatshea ka moriti ha o falola.
10. Ba tla o jwetsa, ba o rupele,ba o kgokgothele bohlale ba bona.
11. “Na lodi le ka melaho se na mokgwabo,lehlaka la ataho se na mohlaka?
12. Ha le sa helwe le sa le letalana,le pona pele jwang bo omella.