Jobo 7:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bophelo ba mothomona lefatsheng ke ntwa,matsatsi a hae ekare a mohiruwa,

2. a mohlanka ya labalabelang moriti,a mohiruwa ya lebeletseng moputso;

3. nna lefa la kake kgwedi tsa ho sebeletsa lelea,ke abetswe masiu a mokgathala.

4. Kamehla ha ke robala ke a ipotsa:<Ekaba neng e tla ba neng ke tsohe?>Empa siu bo bolelele, bo a tosa,ke hlobaela jwaloho fihlela mafube a hlaha.

5. Diboko le kgoho tsa mobudi nkgometse,tlalo la ka le dipekane,le petla boladu.

6. Matsatsi a ka a potlakasa nale ya selohi,a be a feletshepo yona e nkwekwetla.

7. “Modimo, hopola:Phelo ba ka bo ka moya feela,mahlo a ka ha a ka ke a bonatse molemo hape.

8. Ya mponang jwale,ha a sa tla boela a mpona,etlare ha o mpatlake be ke le siyo!

9. Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele,ya theohelang Nqalong ya Bafua ke ke a nyoloha;

10. ha a ke ke a kgutla,a kgutlela lapeng la hae,tulo tsa hae di sala di le feela,a ke ke a hlolaa dula tulong tsa hae.

11. Ka baka leo, nna nke ke ka kgutsa,ke tla buapelo ya ka e tshwenyehile,ke ipelaetsepelo ya ka e ngongorehile.

12. “Ebe nna ke lewatlekapa kganyapa,ha o mpeetse balebedi ho ntisa?

Jobo 7