10. Ke ne ke tla thaba,ke tshedisehe,ke tsebe ho mamelladitlokotsi tsa ka,hoba polelo tsa Ya Halalelangha ke a di hanyetsa.
11. “Ke sa na le matla afe,a ho nnea letshepa?Ke tla fella kae,ha ke qenehetse ho phela?
12. Na mmele wa kao thata jwaloka lejwe?Kapa nama ya kae entswe ka lethose?
13. Matla o ho ithusa a mpheletse,sehlaha sa bohlale se setse feela.”
14. “Ya nyahameng peloeka kgona a hauhelwe, ke metswalle,leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
15. Bana beso ha ba tshepahalesa melatswana,ba ka melatswana e tlala,e ba e feta,
16. e ba madukeke qhoqhwaane ho qhibidiha,e patehe ke lehlwa ho kgetheha.
17. Ha motjheso o fihla e a nyamela,ha tsatsi le ema a pshele ruri.
18. Baeti ba kgeloha tsela,ba batla metsi,ba ye lehwatateng,ba be ba timele.
19. Baeti ba tswang Temaba batla metsi,bahwebi ba Shebaba batla ka letshepa;
20. ba tsielehile,leha ba ne ba tshepile,ba fihlile teng, jwale ba swabile.
21. Ho nna, le lona le ka melatswana eo:Le a bona ke wele ka phatla,lona le a ntshabella!
22. Na nkile ka re:<Mpheng hona le hane>?Kapa <Ntefelleng ka maruo a lona?>
23. Kapa: <Nnamolelengmatsohong a dira tsa ka?Mpholosengho ba matla ho mpheta>?