1. Empa Jobo a araba, a re:
2. “Ao! hoja ho komakoma ha kaho ka lekanngwa,tsietsi tsa ka tsa bewa sekaleng,
3. di ne di tla feta hlabathela lewatle ka boima;ke ka honake ileng ka phatloha feela.
4. Metsu ya Ya Matla wohlee ntlhabile,mahloko a yonaa tjhatjhametsa le moya wa ka,matshabeho a Modimoa nteetse theko!
5. Na tonki e ka llakgulo le le lengata?kapa pholo ya bohlae ntse e fula?
6. Dijo tse bosuladi ka jewa ho se letswai?Na mothwebe o mosweu wonao a latsweha?
7. Dijo tse jwalo ha ke di lakatse,di tshwanale tse nqhuqhumisang mala!
8. “Hoja kopo ya kae ne ka ananelwa,Modimo a nneaseo ke se labalabelang;
9. Modimo a kgahlwake ho mphetshela,a nkisa letsoho, a ntimetsa.
10. Ke ne ke tla thaba,ke tshedisehe,ke tsebe ho mamelladitlokotsi tsa ka,hoba polelo tsa Ya Halalelangha ke a di hanyetsa.
11. “Ke sa na le matla afe,a ho nnea letshepa?Ke tla fella kae,ha ke qenehetse ho phela?
12. Na mmele wa kao thata jwaloka lejwe?Kapa nama ya kae entswe ka lethose?
13. Matla o ho ithusa a mpheletse,sehlaha sa bohlale se setse feela.”
14. “Ya nyahameng peloeka kgona a hauhelwe, ke metswalle,leha eba a sa tshabe Ya Matla wohle.
15. Bana beso ha ba tshepahalesa melatswana,ba ka melatswana e tlala,e ba e feta,
16. e ba madukeke qhoqhwaane ho qhibidiha,e patehe ke lehlwa ho kgetheha.