Jobo 42:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Jobo o araba Morena, o re:

2. “Ke a tsebahore tsohle o ka di etsa,le hore ha ho moreroo ka o sitang.

3. O ila botsa, wa re:<Ya sitisang merero ya kaa se na tsebo, ke mang?>Ke kahoo ke reng:<Ke buile ka tseoke sa di utlwisiseng,tse makatsang haholohoo ke sa di tsebeng.>

4. “Yaba o re: <Mamela jwale,mme nna ke tla bua.Ke tla o botsa dipotso,wena o nkarabe.>

5. Ke utlwile feelaha o ntso bolelwa,empa jwale ke o boneka mahlo a ka.

6. Ka baka lena,ke swabela polelo tsa ka,ke ikwahlaya ke le leroleng,ke le moloreng.”

7. Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.

8. Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”

Jobo 42