Jobo 41:3-19 BIBELE (SSO89SO)

3. Na e tla rapelahore o e rekolohele,kapa e bue ka bonolo,e nne e o qekise?

4. Na e tla etsa tumellano le wena,hore e be kgoba la haokamehla yohle?

5. O tla e bapadisasa ha o bapadisa nonyana,kapa o e holehelebananyana ba hao?

6. Na bahwebi ba henoba tla e tsekisana ka theko,kapa ba e arolele bareki?

7. Na ka dikwebetlalo la yona o ka le phunya,kapa ka tsenenehlooho ya yona o ka e hlaba?

8. Ako e ame ka letsoho la hao!Ntwa e tla ba ya kgumamela;o ke ke be wa hlola o pheta hape!

9. “Tshepo ya ho e hlolake lefeelafeelane,motho ha a e bonapelo ya hae e a nyahama.

10. Ha ho na ya sebete se lekanengho e qholotsa;ebe jwale ke ofeya ka thulanang le nna, Modimo?

11. Ya ntsekisang molato ke ofe,ke tsebe ho mo lefela?Ditsohletsohle tlasa lehodimoke tsa ka.

12. “Ha nka ke ka tlohelaho bua ka ditho tsa kganyapa,ka matla a yonale bopeho se kgahlehang sa yona.

13. Bokantle ba tlalo la yonabo ka ebolwa ke mang?Ya ka atamelang ke mang,a e kenya tomo hanong?

14. Ya ka itetang sefubaho e ahlamisa mehlaare ke mang?Meno a yona a dikwetsepea a tshabeha!

15. Mokokotlo wa yonao kwahetswe ke makgekgebu,makgekgebu a momahanengeka a manamisitswe ka boka;

16. a momahane haholo,moya o ke ke wa tswapakeng tsa wona.

17. A kopantswe hathatathata,a momahane hooa ke keng a arohanngwa.

18. Ha e thimola,ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;mahlo a yona eka mahlasediha mafube a hlaha.

19. Malakabe a tlolaka molomong wa yona,tlhase di betsehaseka motjhotjhonono.

Jobo 41