Jobo 41:16-24 BIBELE (SSO89SO)

16. a momahane haholo,moya o ke ke wa tswapakeng tsa wona.

17. A kopantswe hathatathata,a momahane hooa ke keng a arohanngwa.

18. Ha e thimola,ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;mahlo a yona eka mahlasediha mafube a hlaha.

19. Malakabe a tlolaka molomong wa yona,tlhase di betsehaseka motjhotjhonono.

20. Mosi o foqoha ka nkong tsa yona,jwaloka mosi ha pitsae mollong wa ditlhaka e bela.

21. Moya wa yonao butswela mashala a hlene,malakabe a tloleka hanong la yona.

22. Molala wa kganyapa o shidikane,ba e bonangba phakgasela ke tshabo.

23. Maphutha a tlalo la yonaa momahane, a sataletse,a ke ke a sisinyeha.

24. Bothata ba pelo ya yonaekare ba lejwe,bothata ba yonabo tshwana le ba lwala la moralla.

Jobo 41