Jobo 41:12-26 BIBELE (SSO89SO)

12. “Ha nka ke ka tlohelaho bua ka ditho tsa kganyapa,ka matla a yonale bopeho se kgahlehang sa yona.

13. Bokantle ba tlalo la yonabo ka ebolwa ke mang?Ya ka atamelang ke mang,a e kenya tomo hanong?

14. Ya ka itetang sefubaho e ahlamisa mehlaare ke mang?Meno a yona a dikwetsepea a tshabeha!

15. Mokokotlo wa yonao kwahetswe ke makgekgebu,makgekgebu a momahanengeka a manamisitswe ka boka;

16. a momahane haholo,moya o ke ke wa tswapakeng tsa wona.

17. A kopantswe hathatathata,a momahane hooa ke keng a arohanngwa.

18. Ha e thimola,ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;mahlo a yona eka mahlasediha mafube a hlaha.

19. Malakabe a tlolaka molomong wa yona,tlhase di betsehaseka motjhotjhonono.

20. Mosi o foqoha ka nkong tsa yona,jwaloka mosi ha pitsae mollong wa ditlhaka e bela.

21. Moya wa yonao butswela mashala a hlene,malakabe a tloleka hanong la yona.

22. Molala wa kganyapa o shidikane,ba e bonangba phakgasela ke tshabo.

23. Maphutha a tlalo la yonaa momahane, a sataletse,a ke ke a sisinyeha.

24. Bothata ba pelo ya yonaekare ba lejwe,bothata ba yonabo tshwana le ba lwala la moralla.

25. Ha e soballanatla di a phakgasela,di suthe kapele ho yona ke tshabo.

26. Kahodima yona ho kuba sabole,ho kube lerumo, le motsu,le yona tsenene!

Jobo 41