12. “Ha nka ke ka tlohelaho bua ka ditho tsa kganyapa,ka matla a yonale bopeho se kgahlehang sa yona.
13. Bokantle ba tlalo la yonabo ka ebolwa ke mang?Ya ka atamelang ke mang,a e kenya tomo hanong?
14. Ya ka itetang sefubaho e ahlamisa mehlaare ke mang?Meno a yona a dikwetsepea a tshabeha!
15. Mokokotlo wa yonao kwahetswe ke makgekgebu,makgekgebu a momahanengeka a manamisitswe ka boka;
16. a momahane haholo,moya o ke ke wa tswapakeng tsa wona.
17. A kopantswe hathatathata,a momahane hooa ke keng a arohanngwa.
18. Ha e thimola,ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;mahlo a yona eka mahlasediha mafube a hlaha.
19. Malakabe a tlolaka molomong wa yona,tlhase di betsehaseka motjhotjhonono.