Jobo 41:10-25 BIBELE (SSO89SO)

10. Ha ho na ya sebete se lekanengho e qholotsa;ebe jwale ke ofeya ka thulanang le nna, Modimo?

11. Ya ntsekisang molato ke ofe,ke tsebe ho mo lefela?Ditsohletsohle tlasa lehodimoke tsa ka.

12. “Ha nka ke ka tlohelaho bua ka ditho tsa kganyapa,ka matla a yonale bopeho se kgahlehang sa yona.

13. Bokantle ba tlalo la yonabo ka ebolwa ke mang?Ya ka atamelang ke mang,a e kenya tomo hanong?

14. Ya ka itetang sefubaho e ahlamisa mehlaare ke mang?Meno a yona a dikwetsepea a tshabeha!

15. Mokokotlo wa yonao kwahetswe ke makgekgebu,makgekgebu a momahanengeka a manamisitswe ka boka;

16. a momahane haholo,moya o ke ke wa tswapakeng tsa wona.

17. A kopantswe hathatathata,a momahane hooa ke keng a arohanngwa.

18. Ha e thimola,ka nkong tsa yona ho tswa lesedi;mahlo a yona eka mahlasediha mafube a hlaha.

19. Malakabe a tlolaka molomong wa yona,tlhase di betsehaseka motjhotjhonono.

20. Mosi o foqoha ka nkong tsa yona,jwaloka mosi ha pitsae mollong wa ditlhaka e bela.

21. Moya wa yonao butswela mashala a hlene,malakabe a tloleka hanong la yona.

22. Molala wa kganyapa o shidikane,ba e bonangba phakgasela ke tshabo.

23. Maphutha a tlalo la yonaa momahane, a sataletse,a ke ke a sisinyeha.

24. Bothata ba pelo ya yonaekare ba lejwe,bothata ba yonabo tshwana le ba lwala la moralla.

25. Ha e soballanatla di a phakgasela,di suthe kapele ho yona ke tshabo.

Jobo 41