Jobo 40:8-17 BIBELE (SSO89SO)

8. “Na kahlolo ya kao tla fela o e hanyetse,ebe o mpea molato,hore o itokafatse?

9. Na tsoho la haole tshwana le la Modimo,hoo o ka kirietsangka ntswe le kang la hae?

10. Ikgabise he ka tlotlale ka bokgosi,o ikapese ka hlomphole botlotlehi.

11. Filo la kgalefo ya haoo hlo le hlatse,ha o bona moikgohomosio mo kokobetse;

12. ha o bona moikgohomosio mo theole,o tlabikelle ba kgopotulong tsa bona;

13. o ba epele leroleng ba le mmoho,topo tsa bonao di kwahelle ka lebitleng.

14. Jwale le nnake tla o thoholetsa, ke re:<Tsoho la hao le letonale ka o pholosa!>

15. “Tadimisisa kubu hantle!Ke e bopile jwalokaha ke o bopile,empa yona e fula jwangjwaloka kgomo.

16. Ako bone matla a letheka la yona!Bona bothata ba ditshikatsa mohodu wa yona!

17. E peralatsa mohatla wa yona,e o peralatse jwaloka fate sa kedare,ditshika tsa rope tsa yonadi teteane;

Jobo 40