6. Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:
7. “Itlame letheka, o eme senna,ke o botse dipotso,wena o nkarabe.
8. “Na kahlolo ya kao tla fela o e hanyetse,ebe o mpea molato,hore o itokafatse?
9. Na tsoho la haole tshwana le la Modimo,hoo o ka kirietsangka ntswe le kang la hae?
10. Ikgabise he ka tlotlale ka bokgosi,o ikapese ka hlomphole botlotlehi.
11. Filo la kgalefo ya haoo hlo le hlatse,ha o bona moikgohomosio mo kokobetse;
12. ha o bona moikgohomosio mo theole,o tlabikelle ba kgopotulong tsa bona;
13. o ba epele leroleng ba le mmoho,topo tsa bonao di kwahelle ka lebitleng.
14. Jwale le nnake tla o thoholetsa, ke re:<Tsoho la hao le letonale ka o pholosa!>
15. “Tadimisisa kubu hantle!Ke e bopile jwalokaha ke o bopile,empa yona e fula jwangjwaloka kgomo.
16. Ako bone matla a letheka la yona!Bona bothata ba ditshikatsa mohodu wa yona!
17. E peralatsa mohatla wa yona,e o peralatse jwaloka fate sa kedare,ditshika tsa rope tsa yonadi teteane;
18. masapo a yonaa tshwana le pompo tsa lethose,masapo a yonaa tshwana le ditshiya tsa tshepe.
19. Hara mmopo wa Modimoke thahadima,e ka hlolwa feelake Mmopi wa yona.
20. Dijo tsa yona di theoha dithabeng,moo phoofolo tsa nahadi bapallang teng.
21. E botha tlasa difate tsa leoka,e ipata mokgwabong hara lehlaka.