1. Morena a boela a re ho Jobo:
2. “Na monyatsi a ka phea kgangle Ya Matla wohle?Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
3. Yaba Jobo o araba Morena, o re:
4. “Bona, ha ke letho!Nka o araba jwang?Ka tsoho la kake thiba molomo wa ka.
5. Ke se nkile ka bua,nke ke ka hlola ke araba;ke ile ka bua habedi,nke ke ka bua ho feta moo.”
6. Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:
7. “Itlame letheka, o eme senna,ke o botse dipotso,wena o nkarabe.
8. “Na kahlolo ya kao tla fela o e hanyetse,ebe o mpea molato,hore o itokafatse?
9. Na tsoho la haole tshwana le la Modimo,hoo o ka kirietsangka ntswe le kang la hae?