Jobo 39:8-18 BIBELE (SSO89SO)

8. E alohela thabengho ya tsoma lekgulo,e nyakurele kahohleho batla ho hotalana.

9. “Na nare e ka thapa,ya eba pelesa ya hao?Kapa ya robala e bothilepela sejelo sa hao?

10. Na o ka e pana mohomenghore e o lemele?Makwete ya a phophothae o setse morao?

11. Na o ka e tshepaka baka la matla a yona?Wa e tshepela ho phethamesebetsi ya hao e boima?

12. Na o ka e tshepelaho pola mabele a hao,le ho a thothela haeha a le otlong sa hao?

13. “Mapheo a dimpshea phuphusela ka thabo,empa e ke ke ya fofajwaloka mokotatsie.

14. Mpshe e behelamahe a yona mobung,e a tlohelle tengho alangwa ke lehlabathe.

15. Ha e elellwe hore leotole ka a bjaratsa,kapa sebatanasa a hatakela hodimo.

16. E sotla madinyane a yonajwalokaha eka hase a yona,ha e tsotelle letho,leha eba e tswaletse lelea,

17. hobane yonaModimo o ila e tima bohlale,a se ka e tsipelale kelello ena e pala!

18. Empa ha e thathalatsa mapheoho matha,e a keketehaha e bona pere le mopalami!

Jobo 39