Jobo 39:18-30 BIBELE (SSO89SO)

18. Empa ha e thathalatsa mapheoho matha,e a keketehaha e bona pere le mopalami!

19. “Na pere matla e a filwe ke wena,molala wa o kgabisaka moetse o maebeebe?

20. Na o ka tsebaho e qotomisa sa tsie,wa e kgorohlisa ka dinkoho tshosa batho?

21. E tila fatshe ka kgohlong,e thabetse matla,e itukubetse kahara marumosa motswelantweng

22. Pere e tsheha tshabo,ha ho letho le e tshosang;ha e ke e furallake ho tshaba sabole.

23. Kgopong tsa yonaho shohlomana kgohlopo,ho bile ho tsekema marumole ditsenene!

24. E koma mobu ka bohalele ka mabifi,leha ho letswa lenakaho tila ha e ho kgaotse.

25. Ha naka le llae a howa, e re: <Aha!>E dupa monko wa ntwae sa le hole!E dupe mehoo ya balaodile mekgosi ya ntwa.

26. “Na ke ka bohlale ba haophakwe e tsebang ho fofa,e thathalatsang mapheo,ebe e leba borwa?

27. Na ke ka taelo ya haontsu e tsebang ho fofa,e hahang hlaha sa yonahodimo tsullung?

28. E phela dilomong,bosiu e lala hona teng,qhobosheane ya yona e ka lefarung.

29. Diselo e di tsomae dutse hona moo,mahlo a yonaa di bona di le hole.

30. Madinyane a yonaa phela ka ho nwa madi,kamehla yona e fumanwahara dififi.”

Jobo 39