Jobo 39:1-10 BIBELE (SSO89SO)

1. “Na o tseba nako ya ho tswalaha podi ya naha?Na o kila bona kgamaha e phatla, e tswala?

2. Na o ko bale kgweditsa kemaro ya tsona?Kapa o tsebe tsatsila ho tswala ha tsona?

3. Di botha fatshe,di tswale manamane a tsona,bohloko ba ho tswalaebe bo fedile.

4. Manamane a tsona a holela naheng,ha a sa shahlileebe a lahla mohlape.

5. “Tonki e hlahae neilwe bolokolohi ke mang?Meja e ne e kgatilee lokolotswe ke mang?

6. Ke e abetse lehwatatahore e phele ho lona,masabasaba a lenyekethee be bodulo ba yona.

7. Lehesheheshe la metsee etsa metlae ka lona,mehoo ya moqhobiha e fihle tsebeng tsa yona.

8. E alohela thabengho ya tsoma lekgulo,e nyakurele kahohleho batla ho hotalana.

9. “Na nare e ka thapa,ya eba pelesa ya hao?Kapa ya robala e bothilepela sejelo sa hao?

10. Na o ka e pana mohomenghore e o lemele?Makwete ya a phophothae o setse morao?

Jobo 39