23. tseo ke di boloketsengnako ya ditsietsi,tsatsi la ho futuha le la dintwa?
24. Tsela e yang ntswanatsatsiyona e kae?E yang habo moya wa botjhabelayona e kae?
25. “Metsi a dikgoholaa tjheketswe molapo ke mang,letolo le thwathwaretsangla rallwa tsela ke mang,
26. hore pula e nele nahathothe,lehwatateng leoho seng baahi ho lona,
27. bataolo le dikakadi tle di nwesetswe,mobung ho fupuhe jwangbo botalana?
28. Ntata pula ekaba yena ke mang?Marothodi a phoka wonaa tswetswe ke mang?
29. Ekaba leqhwale tswa ho ya mang popelo?Rame sa lehodimo se lalangsona se tswetswe ke mang?
30. Metsi a a hwama,a be sengangata jwaloka lejwe,leqhwa le aparele madiba kahohle.
31. “Na o ka tlamahanyamahlaahlela a Selemela,kapa wa lokollakgwele tsa Makolobe?
32. Na o ka hlahisa dinaledika dinako tsa tsona,wa tsamaisa Berele naletsana tsa yona?
33. Melao e tsamaisang tsa lehodimona o a e tseba?Na le moo lefatshengo ka e sebedisa?
34. “Ka ntswe la hao,na maru o ka a laela hore a o apeseka pula ya ditlwebelele?
35. Na ke wena ya ka laelang lehadimaho thwakgatsa?Na le ye le tle ho wena,le re: <Ke nna enwa?>
36. Pelo ya mothobohlale e bo filwe ke mang?Mohopolo wonakutlwisiso wa e newa ke mang?
37. Mohlalefi ke ofeya tsebang ho bala maru,ya ka thulamisang merifi,merifi ya lehodimo,
38. ha role la lefatshele fetoha sengangata,makwete a momana,a etsa diqitikwe?
39. “Na o ka tsomelatauhadi dinyamatsane,kapa tawana tsa yonawa di kgorisa ha di lapile,
40. di ntse di qatjhamedilaong tsa tsona,kapa di laletse kahara dihlahla?
41. Ke mangya baballang lekgwaba ka dijo,ha madinyane a lonaa ipiletsa ho Modimo,a lelera hohle ke ho hloka dijo?