Jobo 38:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi,matla a bona a tla fediswa.

16. “Na mehloding ya lewatleo kila fihla?Kapa kgotjheletsane tsa madibawa di tsamaya?

17. Na menyako ya ntlo ya lefuo kila e bona?Kapa wa bonamenyako ya Nqalo ya Bafu?

18. Na bonamo ba lefatsheo a bo tseba?Haeba tsena tsohle o a di tseba,ako bolele!

19. “Tsela e yang habo lesedi ke efe?Lehae labo lefifi lona le hokae?

20. Na o ka di isa habo tsona?Na tsela tse yang tengo a di tseba?

21. O a di tseba,hoba o tswetswe pele ho tsona!Lemo tsa ho phela ha hao di ngata!

22. “Na o kila kena matlunga polokelo ya lehlwa,kapa wa bona matloa polokelo ya sefako,

23. tseo ke di boloketsengnako ya ditsietsi,tsatsi la ho futuha le la dintwa?

24. Tsela e yang ntswanatsatsiyona e kae?E yang habo moya wa botjhabelayona e kae?

Jobo 38