Jobo 38:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. hore pheletso tsa lefatshea di aparele,ba kgopo ba be ba phasaphase?

14. Jwalokaha mmopo wa tempe sa tiisoo sala letsopeng,sedi le bonahatsabopeho tsa lefatshe hantle,le di bonahatsesa mokgabiso seaparong.

15. Ba kgopo ba ke ke ba bona lesedi,matla a bona a tla fediswa.

16. “Na mehloding ya lewatleo kila fihla?Kapa kgotjheletsane tsa madibawa di tsamaya?

17. Na menyako ya ntlo ya lefuo kila e bona?Kapa wa bonamenyako ya Nqalo ya Bafu?

18. Na bonamo ba lefatsheo a bo tseba?Haeba tsena tsohle o a di tseba,ako bolele!

19. “Tsela e yang habo lesedi ke efe?Lehae labo lefifi lona le hokae?

20. Na o ka di isa habo tsona?Na tsela tse yang tengo a di tseba?

21. O a di tseba,hoba o tswetswe pele ho tsona!Lemo tsa ho phela ha hao di ngata!

22. “Na o kila kena matlunga polokelo ya lehlwa,kapa wa bona matloa polokelo ya sefako,

23. tseo ke di boloketsengnako ya ditsietsi,tsatsi la ho futuha le la dintwa?

24. Tsela e yang ntswanatsatsiyona e kae?E yang habo moya wa botjhabelayona e kae?

25. “Metsi a dikgoholaa tjheketswe molapo ke mang,letolo le thwathwaretsangla rallwa tsela ke mang,

Jobo 38