1. Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo:
2. “O mang wena,o fifatsang merero ya kaka ho pepeta, empa o se na tsebo?
3. Itlame letheka, o eme senna,ke o botse dipotso,wena o nkarabe.
4. “Ha ke rala metheo ya lefatsheo no le kae?Haeba o na le tsebo,ako bolele he!
5. Kaha o tsebanyane:Tekanyetso tsa lonadi rerilwe ke mang?Thapo e methang bonamoe harolotswe ke mang?
6. Tshiya tsa metheo ya lonadi epetswe kae?Lejwe la mantlha lonala bewa ke mang,
7. mohla bo-Mphatlalatsaneba binang ba le mmoho,mangeloi wohle a howa ka thabo?
8. “Mohla lewatle le phatlohangmohloding wa lona,menyako e ne tinketswe ke mangho le thibela?
9. Ha ke ne ke le etsetsakobo ya maru,ke le tlama mokgubuka fifi la bo-nka-ntjana;
10. ha ke ne ke le sehelameedi ya lona,ke le tinkeletsaka mamati le mekwallo,
11. ka na ka re:<Maremelo a metsi a hao ke ana,maqhubu a hao a bilohanga tla fella mona!>
12. “Haesale o tswalwana o kila laolela meso dinako,wa laela mafube ho hlahaka nako ya wona,