Jobo 36:25-32 BIBELE (SSO89SO)

25. Batho bohle ba bone mesebetsi eo,ba e boha ba le hole le yona.

26. Modimo o moholoho feta kutlwisiso ya rona,palo ya lemo tsa haeha re ka ke ra e fihlela.

27. “O monya marothodi a metsi,ka mouwane wa onaebe o nesa pula.

28. Maru a pulaa tlhotlela diphororo fatshe,mafafatsane e be ditlwebelele,e be ditlwebelele ho batho.

29. Ya tsebang ho thiba ha maruke mang,le ho thwathwaretsaha lehodimo la hae?

30. Hadima la haele takolotsa le lehodimo,botebo ba lewatleo a bo kguruma.

31. Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba,ke ka tsona a di fang nala.

32. O tshwere lehadimaka matsoho a hae,o laela hore le otle botsekeng.

Jobo 36