Jobo 36:19-26 BIBELE (SSO89SO)

19. Ha o llela thuso,maruo a hao a ke kea o tswela molemo,kapa matla a haoa o ntsha tsietsing tsa hao.

20. Se labalabelebosiu ba kahlolo ho fihla,ha tjhaba di timeladibakeng tsa tsona.

21. Hlokomela,o se sekamele bokgopong,boo o bo ratang ho feta tlokotsi.

22. “Modimo o phahametse bohleka matla a hae;moruti ke ofeya tshwanang le yena?

23. Tsela ya haeo e kgethetswe ke mang?Ke ofe ya ka reng ho yena:<Mona jwale o fositse?>

24. Hopola ho tlotlisamesebetsi ya hae,mesebetsi eo bathoba e rokang ka difela.

25. Batho bohle ba bone mesebetsi eo,ba e boha ba le hole le yona.

26. Modimo o moholoho feta kutlwisiso ya rona,palo ya lemo tsa haeha re ka ke ra e fihlela.

Jobo 36