Jobo 36:18-33 BIBELE (SSO89SO)

18. Hlokomela, esere maruo a o hohela,o se ka dumelaha tjotjo e o kgelosa.

19. Ha o llela thuso,maruo a hao a ke kea o tswela molemo,kapa matla a haoa o ntsha tsietsing tsa hao.

20. Se labalabelebosiu ba kahlolo ho fihla,ha tjhaba di timeladibakeng tsa tsona.

21. Hlokomela,o se sekamele bokgopong,boo o bo ratang ho feta tlokotsi.

22. “Modimo o phahametse bohleka matla a hae;moruti ke ofeya tshwanang le yena?

23. Tsela ya haeo e kgethetswe ke mang?Ke ofe ya ka reng ho yena:<Mona jwale o fositse?>

24. Hopola ho tlotlisamesebetsi ya hae,mesebetsi eo bathoba e rokang ka difela.

25. Batho bohle ba bone mesebetsi eo,ba e boha ba le hole le yona.

26. Modimo o moholoho feta kutlwisiso ya rona,palo ya lemo tsa haeha re ka ke ra e fihlela.

27. “O monya marothodi a metsi,ka mouwane wa onaebe o nesa pula.

28. Maru a pulaa tlhotlela diphororo fatshe,mafafatsane e be ditlwebelele,e be ditlwebelele ho batho.

29. Ya tsebang ho thiba ha maruke mang,le ho thwathwaretsaha lehodimo la hae?

30. Hadima la haele takolotsa le lehodimo,botebo ba lewatleo a bo kguruma.

31. Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba,ke ka tsona a di fang nala.

32. O tshwere lehadimaka matsoho a hae,o laela hore le otle botsekeng.

33. Letolo ke selelekelasa sefefo sa hae,ho tla ha sonale diphoofolo di a ho tseba.”

Jobo 36