11. Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa,ba tla qeta matsatsi a bonaka boiketlo,lemo tsa bonaba di qete ba atlehile.
12. Empa ha ba ithiba ditsebe,ba sa mamele,lefu la bona e tla ba la sabole,ba be ba shwe tsebo ba se na yona.
13. “Baetsadibe ba tletse kgalefodipelong tsa bona,leha ba se ba tlamilweha ba ke ba kopa thuso.
14. Ba shwa ba sa le batjha,ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.
15. Ba ditlokotsingo ba pholosa ka ditlokotsi,a thibolle tsebe tsa bonaka matshwenyeho.
16. “Le wenaa ka ba o ntshitse ditsietsing,a o isitse bakengse sa patisanang,moo tafole ya haoe tla tlala mapetle!
17. Kahlolo ya ba kgopoe o wetse hodimo,kahlolo le toka di se di o maname.
18. Hlokomela, esere maruo a o hohela,o se ka dumelaha tjotjo e o kgelosa.
19. Ha o llela thuso,maruo a hao a ke kea o tswela molemo,kapa matla a haoa o ntsha tsietsing tsa hao.
20. Se labalabelebosiu ba kahlolo ho fihla,ha tjhaba di timeladibakeng tsa tsona.
21. Hlokomela,o se sekamele bokgopong,boo o bo ratang ho feta tlokotsi.
22. “Modimo o phahametse bohleka matla a hae;moruti ke ofeya tshwanang le yena?
23. Tsela ya haeo e kgethetswe ke mang?Ke ofe ya ka reng ho yena:<Mona jwale o fositse?>
24. Hopola ho tlotlisamesebetsi ya hae,mesebetsi eo bathoba e rokang ka difela.
25. Batho bohle ba bone mesebetsi eo,ba e boha ba le hole le yona.
26. Modimo o moholoho feta kutlwisiso ya rona,palo ya lemo tsa haeha re ka ke ra e fihlela.