1. Elehu a tswela pele, a re:
2. “Bea butle ho se hokae,nke ke o bontshe:Polelo tse emelang Modimodi sa le teng.
3. Tsebo ke tla e fuputsahole le hohle,ha ke buella ho lokaha Mmopi wa ka.
4. Polelo tsa ka hase tsa bosawana;ya buang le wenake monna wa mohlalefi.
5. “Modimo o matla,empa ha a nyedise batho;ha ho letho leo a sa le tsebeng.
6. A ke ke a tlohelamoetsadibe a phela,empa mafutsanao a sebeletsa ka toka.
7. Ba lokileng ha a kgaotseho ba hlokomela,o ba bea le dikgosihodima diterone;o ba bea teng,a ba phahamise kamehla yohle.
8. Empa ha ba tlamilweka mahlaahlela,ba bofilweka kgwele tsa tlokotsi,
9. o ba supisa mesebetsi ya bona,dibe tse entsweng ka boikgantsho.
10. O etsa horeba mamele kgalemelo ya hae,a ba laele horeba furalle bokgopo.
11. Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa,ba tla qeta matsatsi a bonaka boiketlo,lemo tsa bonaba di qete ba atlehile.