Jobo 33:26-33 BIBELE (SSO89SO)

26. O tla rapela Modimo,yena a mo rekolohele,fahleho sa hae a tla se bonea nyakaletse,hobane Modimo o mmuseletsaho loka ha hae.

27. O tla binela batho,ebe o re ho bona:<Ke entse sebe,ka kgopamisa ho loka,empa sebe seo sa kaha ke a se otlelwa.

28. O pholositse moya wa kaO se ye lebitleng,ke tla boela ke phele,ke nne ke bone lesedi.>

29. “Tsena tsohleModimo o di etsa ho motho,a ka di etsa habedi,a ka di etsa hararo,

30. hore a phemise mothoho theohela lebitleng,sedi la bophelole tle le mmonese.

31. “Hlokomela, Jobo,o ke o mmamele;ako kgutse, mme nna ke tla bua.

32. Haeba o na le puo, ako nkarabe;bua, ke kgolwe hore ha o na molato.

33. Haeba o sa re letho,eka kgona o mmamele;ako kgutse,mme ke tla o ruta bohlale.”

Jobo 33