24. le tla mo hauhela,le bue, le re:<Mo hauhele,a se theohele lebitleng,hobane ke se ke mo fumanetsese mo lopollang.>
25. Nama ya hae e tla ntjhafala,e tshwane le ya lesea,a okolohe, a tshwanele mehleng ya botjha ba hae.
26. O tla rapela Modimo,yena a mo rekolohele,fahleho sa hae a tla se bonea nyakaletse,hobane Modimo o mmuseletsaho loka ha hae.
27. O tla binela batho,ebe o re ho bona:<Ke entse sebe,ka kgopamisa ho loka,empa sebe seo sa kaha ke a se otlelwa.
28. O pholositse moya wa kaO se ye lebitleng,ke tla boela ke phele,ke nne ke bone lesedi.>
29. “Tsena tsohleModimo o di etsa ho motho,a ka di etsa habedi,a ka di etsa hararo,
30. hore a phemise mothoho theohela lebitleng,sedi la bophelole tle le mmonese.
31. “Hlokomela, Jobo,o ke o mmamele;ako kgutse, mme nna ke tla bua.
32. Haeba o na le puo, ako nkarabe;bua, ke kgolwe hore ha o na molato.
33. Haeba o sa re letho,eka kgona o mmamele;ako kgutse,mme ke tla o ruta bohlale.”