Jobo 33:18-33 BIBELE (SSO89SO)

18. Modimo o phemisa mothoho theohela lebitleng,a mo phemise ho bolawa ka sabole.

19. O kgalemela mothoka ho mo robatsa phateng tsa lefu,a opise masapo a hae wohleho se kgaotso;

20. jwale takatso ya dijoebe e a fela,a nyonye le dimonatetseo a di ratang.

21. O ye a fetohe moketa,a motele dinama,e sale e le masatswane,palwadikgopo.

22. Moya wa hae o atamela lebitla,phelo ba hae bo atamele babolai.”

23. “Haeba lengeloi le lengla a sekete,le le hlakoreng la hae,e le mmoelanyi,le ruta motho seo e leng toka,

24. le tla mo hauhela,le bue, le re:<Mo hauhele,a se theohele lebitleng,hobane ke se ke mo fumanetsese mo lopollang.>

25. Nama ya hae e tla ntjhafala,e tshwane le ya lesea,a okolohe, a tshwanele mehleng ya botjha ba hae.

26. O tla rapela Modimo,yena a mo rekolohele,fahleho sa hae a tla se bonea nyakaletse,hobane Modimo o mmuseletsaho loka ha hae.

27. O tla binela batho,ebe o re ho bona:<Ke entse sebe,ka kgopamisa ho loka,empa sebe seo sa kaha ke a se otlelwa.

28. O pholositse moya wa kaO se ye lebitleng,ke tla boela ke phele,ke nne ke bone lesedi.>

29. “Tsena tsohleModimo o di etsa ho motho,a ka di etsa habedi,a ka di etsa hararo,

30. hore a phemise mothoho theohela lebitleng,sedi la bophelole tle le mmonese.

31. “Hlokomela, Jobo,o ke o mmamele;ako kgutse, mme nna ke tla bua.

32. Haeba o na le puo, ako nkarabe;bua, ke kgolwe hore ha o na molato.

33. Haeba o sa re letho,eka kgona o mmamele;ako kgutse,mme ke tla o ruta bohlale.”

Jobo 33