3. Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba.
4. Elehu o ne a ile a emela banna bao hore ba bue le Jobo pele ho yena, hobane ba ne ba le baholo ho yena.
5. Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma.
6. Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re:“Ke sa le mmotlana,lona le tsofetse,ka hona ke ile ka itshwara,ka tshaba ho le bolellaseo ke se tsebang.
7. Ke ile ka nahana:<Eka kgona baholo ba bue,ba lemo di ngata ba rute bohlale.>
8. Empa ke moya o ka ho motho,e leng moya wa Ya Matla wohle,wona o neang motho kutlwisiso.
9. Hase ba baholo feelaba nang le bohlale,kapa maqheku feelaa utlwisisang ho lokileng.
10. Ka baka leo,ke re le ke le mmamele,le nna ke bolele seo ke se tsebang.
11. “Ke ile ka le emelahore le ke le bue,puo tsa lona ka di theela tsebeha le ntse le kgetha mantswe.
12. Ke fetse ka le mamela:Ha ho le ya mongya shanofaditseng dipuo tsa Jobo,kapa ya arabileng polelo tsa hae.