1. Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.
2. Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.
3. Kgalefo eo ya hae ya ba ya tlokomela le metswalle ya hae e meraro, hobane leha e ne e nyatsa Jobo, e ne e hloleha ho mo araba.
4. Elehu o ne a ile a emela banna bao hore ba bue le Jobo pele ho yena, hobane ba ne ba le baholo ho yena.
5. Ha a bona hore banna bao ba bararo ba feletswe ke puo, kgalefo ya hae ya nna ya tlokoma.
6. Yaba Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, o a bua, o re:“Ke sa le mmotlana,lona le tsofetse,ka hona ke ile ka itshwara,ka tshaba ho le bolellaseo ke se tsebang.
7. Ke ile ka nahana:<Eka kgona baholo ba bue,ba lemo di ngata ba rute bohlale.>