4. Modimo tsela tsa ka o a di bona,le mehato ya ka yohle o a e bala.
5. “Haeba ke sebeditse ka bolotsana,eba oto la kale mpotlakiseditse ho ya thetsa;
6. a nke ke bewe sekaleng sa toka,Modimo a tle a tsebeha ke na molato.
7. Haeba mehato ya kae kgelohile tseleng,eba pelo ya kae hohetswe ke mahlo a ka,eba manothokoa nkgomaretse matsohong;
8. seo ke se jetsengse ke se jewe ke e mong,dijalo tsa ka, ka metso,di ke di motsulwe.
9. “Haeba pelo ya kae hohetswe ke mosadi,eba nkile ka lalla monyakongwa mohaeso,
10. mosadi wa ka a silele monna e mong,ba bang ba kopanele dikobo le yena.
11. Hona e ka ba ketsoe hlabisang dihlong,ya eba sebese lokelwang ke ho ahlolwa.
12. Ke mollo o tjhesangho isa timelong,o tla fedisa maruo a ka kaofela.
13. “Haeba mohlanka wa kale lekgabunyane la ka,ke ba hloketse tokaha ba tsekisana le nna,
14. ke tla etsangha Modimo a sa ntobile?Ke tla rengha ke araba potso tsa hae?
15. Ha ke re Mmopi wa kake Mmopi wa bona?Ha ke re ke yena ya re bopilengmaleng a bo-mma rona?
16. “Haeba nkile ka hanyetsakopo ya mofutsana,eba mohlolohadi o lebeletse,mahlo a ba kgathala;
17. eba ke itjeletse thathanake le inotshi,kgutsana ka e jela tjelamahlong,
18. ho tloha botjheng ba kake e hodisitse ke le ntata,ka baballa mohlolohadiho tloha mohla ke tswalwang,
19. haeba nkile ka bona mothoa eshwa ke ho hloka diaparo,kapa mofumanehia se na le nketlana;
20. haeba ho se ya kilenga ntlohohonolofatsa,leha a ile a futhumatswake boya ba nku tsa ka;
21. haeba nkile ka otla kgutsanaka tsoho la ka,hobane ke tseba hore ka kgotlanke ke ka tsuwa,
22. phaka sa kaa se motsuhe lehetleng,tsoho la ka le robehe setsweng,lenonyeletsong.
23. Ho tshaba Modimoho ne ho nthibela,tlotla ya haee ntshabisa ho etsa tsena.